6/08/2017

POTWANA

POTWANA pitsa ya rona Basotho !
Monate wa dijo tsa pitsa ena ditswa ka ditsebe!
O tla fumana re potapotile leifo ha hontse ho phehwa. Re qoqa ka diketsahalo tsa motsheare, re lothana mme re etsa metlae! Re futhumetse. O tsebe ke mantsibuya, ke leloko fela.
Ha letsatsi le hlahlamela dithaba, mafube a letsatsi a hlaha, bomme kapa banana ba kgutlela ho yona hape ho phehela badisana. Tsena tsohle ene e le diketsahalo tsa pele motlakase o fihla. Re hotollela mahlo dithelebesheneng le mehaleng ya letheka. Motho a qabohe fela re sa bone se qabolang. Pele moqoqo o lakatseha. Jwale motho o kgetha ho qoqa ka di"bundles" ,ho sa le monate!

No comments:

Post a Comment

Tsa lapeng mona

Teboho

Basotho ba batle, bana ba kgomo entsho. Ke ya leboha ka tshehetso ya lona. Re fumaneha ka nako tsohle mona https://www.facebook.com/tsasesot...

Tse ileng tsa tuma