POTWANA pitsa ya rona Basotho !
Monate wa dijo tsa pitsa ena ditswa ka ditsebe!
O tla fumana re potapotile leifo ha hontse ho phehwa. Re qoqa ka diketsahalo tsa motsheare, re lothana mme re etsa metlae! Re futhumetse. O tsebe ke mantsibuya, ke leloko fela.
Ha letsatsi le hlahlamela dithaba, mafube a letsatsi a hlaha, bomme kapa banana ba kgutlela ho yona hape ho phehela badisana. Tsena tsohle ene e le diketsahalo tsa pele motlakase o fihla. Re hotollela mahlo dithelebesheneng le mehaleng ya letheka. Motho a qabohe fela re sa bone se qabolang. Pele moqoqo o lakatseha. Jwale motho o kgetha ho qoqa ka di"bundles" ,ho sa le monate!
Lena leqephe le tla tsepamisa maikutlo tabeng le diketsong tsa Basotho fela haholo-holo setsong sa ona. Ke na le bonnete bo tiileng hore le baithuti ba Sesotho ba tla kotula ho hong qepheng lena. Sebe le ditlhong ka puo o e nyantseng letsweleng! Me re ka thusana ho tsa kgwebo, ra bapatsa mmoho mesebetsi ya hao ho Basotho ba ban, re ngolle Email ho tsasesotho@gmail.com . E ba Mosotho ya motlotlo jwalo ka nna! KE YA LEBOHA!.
6/08/2017
Ke ikgantsha ka Bosotho baka!
Ho ka duma, ha na tsheole, pula tsa matlopotlopo, sefako, ha tsoha difefo, ditsokotsane, ha phahama marole... Ke tla ema kgekgenene ka Bosotho baka, beso, babo bona, ba heno, ba runeng. Ke ikgantsha ka Bosotho baka.
Mabitso le tlhaloso tsa ona
Ha re lekoleng tlhaloso ya mabitso a latelang
*Mohola- Tshimo e sa jalwang letho.
*Kgaditane- Moya o tswang bophirima.
*Seoto- Lerapo le tlamang ntja.
*Ntha- Letswele le seng le sa tswe lebese.
*Lehwete- Letlalo le senang moriri.
*Mohwete- Moriri o hlahang hohle mmeleng wa motho.
*Leqatha- Ntlo e hahetsweng banyalani ba batjha.
*Matlala- Nama ya sebete le mala e kgabeletsweng maqeku.
*Mohola- Tshimo e sa jalwang letho.
*Kgaditane- Moya o tswang bophirima.
*Seoto- Lerapo le tlamang ntja.
*Ntha- Letswele le seng le sa tswe lebese.
*Lehwete- Letlalo le senang moriri.
*Mohwete- Moriri o hlahang hohle mmeleng wa motho.
*Leqatha- Ntlo e hahetsweng banyalani ba batjha.
*Matlala- Nama ya sebete le mala e kgabeletsweng maqeku.
Phapang pakeng tsa Kgutsufatso le Kgonyetso
Phapang pakeng tsa KGUTSUFATSO le KGONYETSO e semeremere.
Kgutsufatso ke ho ngotla mantswe paleng/bukeng/Atekeleng/ sengolweng se selelele o qolla ntlha tsa bohlokwa fela.
Kgonyetso ke ho ngotla ditlhaku tse seng kae lentsweng. Mohlala: bakeng sa hore o ngole/bitse lentswe le felletseng seka "dintlha" o tla sebedisa lentswe "ntlha".
Kgutsufatso ke ho ngotla mantswe paleng/bukeng/Atekeleng/ sengolweng se selelele o qolla ntlha tsa bohlokwa fela.
Kgonyetso ke ho ngotla ditlhaku tse seng kae lentsweng. Mohlala: bakeng sa hore o ngole/bitse lentswe le felletseng seka "dintlha" o tla sebedisa lentswe "ntlha".
MAETSI
A re lekoleng mehlala ya maetsi le tlhaloso tsa ona.
*Phurusetsa- Ho tloha sehlaheng ha ledinyane le hodile.
*Hlala- Ho lahla molekane lenyalong.
*Thakgisa- Ho leleka moleko lapeng ka methokgo.
*Kgwisa- Ho tlosa ngwana letsweleng la mmae.
*Hadika- Ho ntsha moro lefureng ka pitsa mollong.
DILOTHO
*Merero le molemo wa dilotho*
...
Ka baka la ho tlosa bodutu hwa tsona, motho a ka re morero o moholo wa dilotho ke ho re thabisa.
Ho thabisa le ho makatsa haholoholo mehleng ya pele ha ditjhaba di ne di sa ntsane di phela ha mmoho.
EMPA HA HO PELAELO HORE DILOTHO KE PAPADI YA BOHLALE LE HO NAHANISA MOTHO.
Ke phephetso e matla ya kelello ya motho.
Molemo o mong wa dilotho ke ho re ruta ho hong.
...
Di hloka tsebo ya puo.
Di batla motho a hlalose ntho e tsebahalang ka tsela e hole le yona.
Tsebo ya ho kgetha polelo tse lokelang ho thahasellisetsa momamedi seo o ratang ho mo lotha sona.
Le tsebo ya ho phetha hoo ka mantswe a seng makae.
Subscribe to:
Comments (Atom)
Tsa lapeng mona
Teboho
Basotho ba batle, bana ba kgomo entsho. Ke ya leboha ka tshehetso ya lona. Re fumaneha ka nako tsohle mona https://www.facebook.com/tsasesot...
Tse ileng tsa tuma
-
*Merero le molemo wa dilotho* ... Ka baka la ho tlosa bodutu hwa tsona, motho a ka re morero o moholo wa dilotho ke ho re thabisa. Ho thabis...
-
Phapang pakeng tsa KGUTSUFATSO le KGONYETSO e semeremere. Kgutsufatso ke ho ngotla mantswe paleng/bukeng/Atekeleng/ sengolweng se selelele ...
-
A re lekoleng mehlala ya maetsi le tlhaloso tsa ona. *Phurusetsa- Ho tloha sehlaheng ha ledinyane le hodile. *Hlala- Ho lahla molekane lenya...

